La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jobo 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

A bo rohakwe ke ba rohakang ditshiu, ba nang le boqweleqwele ba ho tsosa leviathane!

Ver Capítulo

BIBELE

Barohaki ba matsatsi ba ke ba bo rohake, bona ba tsebang le ho tshwenya kganyapa.

Ver Capítulo



Jobo 3:8
11 Referencias Cruzadas  

Jeremia a etsa pina ya malla hodima Josiase; le tsona dibini tsa banna le tsa basadi di nnile tsa bolela tsa Josiase dipineng tsa tsona tsa dillo ho fihlela kajeno, tsa etsa dipina tsena mokgwa o tiileng Iseraeleng. Bonang, taba tseo di ngodilwe bukeng ya kodi ya malla.


Bosiu boo a bo nyope, nyakallo e hlokahale ho jona!


A dinaledi tsa mafube a jona di fifale! A bo hlolohelwe lesedi, mme le se ke la hlaha, bo se ke ba bona dintshi tsa mafube a meso!


Na o ka tshwasa Leviathane (kwena) ka selope le ho tshwasa leleme la yona ka kgole na?


Ha ho mohale ya ka betang pelo ho ya e tsosa. Ha ho le jwalo, ke mang ya ka emang pela ka na?


Ha e ka tsoha, bahale ba tshoha, mme ba thethelwa ke ho tshaba.


Ka letsatsi leo, ka lerumo la hae le thata, le leholo, le matla, Jehova o tla otla leviathane, noha e lebelo, le leviathane, noha e tswedikaneng, a bolaye drakone e lewatleng.


Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, Monghadi, o re: Mapatlelong wohle dillo di tla ba teng, le diterateng tsohle ba tla howa, ba re: Jo! Jo! Molemi o tla biletswa ho lla, ba tsebang pina tsa mahlomola ba biletswe ho bokolla.


ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla.


Ha a fihla tlung ya mmusi wa sinagoge, a fihlela moferefere, le ba llang, le ba bokollang haholo.