Joabe a re: Ka Modimo o utlwang, hojane o sa ka wa bua jwalo, e mong le e mong wa batho ba ka o ba a ke ke a lesa ho phallela ngwanabo ho fihlela hosasa!
Jobo 27:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka Modimo o phelang, o nkamohileng ho loka ha ka, le ka Ya matla wohle ya hlokofaditseng moya wa ka, BIBELE “Ka Modimo ya phelang, ya nkamohileng toka, ka Ya Matla wohle, mohlokofatsi wa moya wa ka; |
Joabe a re: Ka Modimo o utlwang, hojane o sa ka wa bua jwalo, e mong le e mong wa batho ba ka o ba a ke ke a lesa ho phallela ngwanabo ho fihlela hosasa!
Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.
Elia a re: Ka Jehova wa makgotla ya phelang, eo ke emeng pela hae, ke fela ke tla itlhahisa ho yena kajeno.
Yare ha a fihla ho monna wa Modimo, thabeng, a mo tshwara ka maoto. Gehasi a mpa a mo atamela ho mo suthisa; empa monna wa Modimo a re: Mo tlohele, hobane pelo ya hae e bohloko, mme Jehova o mpatetse, ha a ka a ntsebisa.
Na o ka thaba ka ho nketsa hampe, hore o be o lahle mosebetsi wa matsoho a hao, mme o kganyetse merero ya ba babe na?
Na keng Jakobo, ha o bolela, le wena Iseraele, ha o re: Tsela ya ka ha e lemohuwe ke Jehova, tokelo ya ka ha e qamakwe ke Modimo wa ka?
Ekare ha ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, hore ba tle ba ane ka lebitso la ka, ba re: Ka Jehova ya phelang, kamoo ba rutileng setjhaba sa ka kateng ho ana ka Baale, ke tla ba ahisa hara setjhaba sa ka.
Ha o ana ka nnete, ka sebele le ka ho loka, o re: Ka Jehova ya phelang! ditjhaba di tla hlohonolofalla ho yena, di ithorisetse ho yena.
Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?
Leha ho le jwalo, dula mona bosiu bona, mme hosasa, ha a rata ho phetha ditokelo tsa wa heno sebakeng sa hao, ke teng, a fele a di phethe; ha a sa rate ho phetha ditokelo tsa wa heno sebakeng sa hao, ka Jehova ya utlwang, ke nna ke tla di phetha; robala, ho be ho se.
hobane, ka Jehova ya phelang, ya namoletseng Iseraele, leha bo ka ba ho mora ka Jonathane, o tla shwela ruri. Mme ho se ke ha eba le a mong wa setjhaba ya mo fetolang.
Empa setjhaba sa re ho Saule: Hleka Jonathane a ka shwa, e le yena ya namoletseng Iseraele hakakalo na? Le ho leka! Ka Jehova ya phelang, ha ho ka ke ha wela fatshe qoba leha e le nngwe ya moriri wa hlooho ya hae, hobane kajeno o sebedisane le Modimo. Kahoo, setjhaba sa pholosa Jonathane, hore a se ke a shwa.
ke ntoo roma mohlahlankana, ke re: O batle metsu. Ha nka re ho mohlankana: Bona, metsu e ka kwano, e nke hle, etlaba o ka tla, hobane ke kgotso ho wena; ka Jehova ya utlwang, ha ho tsietsi.
Ha ho le jwalo, monghadi, ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, efela ke Jehova ya o thibetseng, hore o se tle ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la hao. Dira tsa hao, le ba batlelang monga ka bobe, ba be jwaloka Nabale.
Efela, ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, ya nthibetseng hore ke se ke ka o etsa hampe, hojane o sa ka wa phakisa, wa tla nkgahlanyetsa, Nabale o ba a sa tlo tlolelwa ke monna le a mong ha bo esa.