Lefatshe ha le sa ntse le le teng, ho jala le ho kotula, mohatsela le mofuthumela, lehlabula le mariha, bosiu je motshehare di ke ke tsa hlokahala.
Jobo 26:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) O dikadikeditse sebaka sa metsi ka sedikwadikwe, ho kgutla moo lesedi la arohanang le lefifi. BIBELE O radile sedikadikwe, a se rala hodima lewatle, a etsa moedi ho arohanya lesedi le lefifi. |
Lefatshe ha le sa ntse le le teng, ho jala le ho kotula, mohatsela le mofuthumela, lehlabula le mariha, bosiu je motshehare di ke ke tsa hlokahala.
Na o tla di lata tse pedi hore o tsebe moo di fellang teng, o tsebe le tsela e isang tlung ya tsona na?
Tsela ke efe e isang moo lesedi le arohanang teng, moo sefefo se tswang ho tla fokela lefatsheng?
le mohla a laelang lewatle hore metsi a lona a se ke a tlola lebopo; le mohla a lekanyang metheo ya lefatshe.
Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.