Jobo 24:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) mohloki o suthiswa mmileng, mme e ka kgona mafutsana a naha a ipate kaofela. BIBELE Ba thesela bafumanehi hore ba suthe tseleng, mafutsana wohle a phela ka ho ipata. |
Kapa o re, na ke ne ke sa lle hodima ya neng a dutse tlokotsing, na moya wa ka o ne o sa hauhele mafutsana?
Ha ekaba ke ne ke hane thapelo ya mofutsana, ka lebellisa mosadi wa mohlolohadi, a ba a khathala mahlo,
ha ekaba nkile ka bona e mong ya timelang a se na diaparo, kapa mofumanehi ya hlokang seo a ikapesang ka sona,
Hobane ha a ka a hopola ho etsa ka mohau; empa o hlorisitse motho ya madimabe, le ya lesitsi, le mohlomohi, a tle a tlose bophelo ba bona.
Ya tubang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae; empa ya molemo ho mofumanehi o a mo rorisa.
Ya tubang mofutsana ho eketsa leruo la hae, mme a fana le barui, o tla wela bofumeng ruri.
Mohla ba lokileng ba hlolang, boiketlo bo teng; empa ba babe ha ba phahama, ho ipatwa ke batho.
Ha ho phahama ba babe, eba batho ba ipata; mohla ba timelang, eba ba lokileng ba ngatafala.
Moloko o teng o meno a kang marumo, o meno a mohlahare a kang dithipa, ho ja bahlomohi, ho ba fedisa lefatsheng, ho fedisa le bafumanehi bathong.
ho amoha mafutsana tokelo ya wona, le ho hlakola tokelo ya bafumanehi ba setjhaba sa ka, ho etsa bahlolohadi kgapo ya bona, le ho ja dikgutsana.
a tuba mohlomohi le mofutsana, a tlatlapa, a sa kgutlise tebeletso, a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong, a etsa tse manyala,
Empa ntatae, kahobane a tubile ngwanabo hampe, a mo tlatlapile, a entse se se nang botle hara setjhaba sa habo, bonang, o tla shwa ka bokgopo ba hae.
Haele setjhaba sa lefatshe lena, se etsa botubo, se ineela kutso; ba tuba mosenyehi le mofutsana, ba tuba moditjhaba ho se tokelo.
ba lakatsa ho bona lerole la lefatshe hodima hlooho ya mofutsana, mme ba kgopamisa taba tsa ba banyenyane; motho le ntatae ba kenela mosadi a le mong, ba tle ba tlotlolle lebitso la ka le kgethehileng;
Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!