yaba Basabea ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.
Jobo 24:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho suthiswa majwe a mekolokotwane; ho hapuwa mehlape, e aloswa ke ba e hapileng. BIBELE “Ba kgopo ba suthisa mekolokotwane ya meedi, ba utswe mehlape, ba be ba e katle. |
yaba Basabea ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.
Eo a re a sa bua, ha boela ha fihla e mong, a re: Bakalde ba diphafa tse tharo ba nehelletse dikamele, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.
Hobane o tubile basenyehi, o ba lahlile; mme leha a sentse matlo ka mano, ha a ka ke a a tsosa.
Ya lapileng o ya ja kotulo ya lona, o ya nka le hara meutlwa, mme leshodu le hlwibila menono ya lona.
Marena a Juda a jwaloka ba suthisang mekolokotwane. Bohale ba ka ke tla bo tshollela hodima bona jwaloka metsi.
O se ke wa suthisa mekolokotwane ya wa heno e beilweng ke baholo ba hao, lefeng leo o tla le rua naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona hore o e rue.