Jobo 23:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jo! hola nka tseba moo nka o fumanang teng, hore ke tle ke fihle pela terone ya wona! BIBELE Hoja ke a tseba hore na nka mo fumana kae, ke ne ke tla ema kapela setulo sa hae, |
Le kajeno ho dumaduma ha ka ho sa tletse boikgantsho! Letsoho le dutseng hodima ka le pupetsa mefehelo ya ka.
Jehova, re o lebeletse ke hona tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le kgopotso ya hao ke tseo meya ya rona e di lakatsang.
Leha makgopo a rona a paka ho re qosa, oho Jehova, o ke o sebetse ka baka la lebitso la hao, hobane dikgeloho tsa rona di ngata; re o sitetswe.
Jwale, haele moo ba bang ba tla kena ho yona, athe ba boleletsweng Evangeli pele ha ba ka ba kena ke ho se dumele.