La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jobo 23:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Le kajeno ho dumaduma ha ka ho sa tletse boikgantsho! Letsoho le dutseng hodima ka le pupetsa mefehelo ya ka.

Ver Capítulo

BIBELE

“Le kajeno sello sa ka se sa le bohloko; le hoja ke bile ke fehelwa hakaalo, tsoho la Modimo le ntse le nkimetse.

Ver Capítulo



Jobo 23:2
12 Referencias Cruzadas  

Pelo ya ka e kgobohelwa ke bophelo ba ka; ha ho le jwalo, e ka kgona ke neele ho dumaduma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moya wa ka.


ho o senolela diphiri tsa bohlale ba wona, bo tebileng, bo fetang kutlwisiso ya rona, o ka be o bona hoba bakeng sa hao Modimo o lebetse boholo ba sebe sa hao.


Jobo a fetola, a re:


Jo! hola nka tseba moo nka o fumanang teng, hore ke tle ke fihle pela terone ya wona!


Hobane o ekeleditse sebe sa hae ka ho ikgantsha; hara rona o a ithoka, o eketsa ho bua ditaba tse lwantshang Modimo.


Ha ho le jwalo, nke ke ka thiba molomo wa ka, empa ke tla bolela masisapelo a ka, ke dumadume ho babeng ha moya wa ka.


Hobane letsoho la hao le ne le le boima ho nna nyene le bosiu; metsi a bophelo ba ka a ne a omeletse jwaloka hola ke lebatama la selemo. (Sela.)


A ke a itulele a nnotshi, a ikgutsetse mohla Modimo o mo layang;


Mora motho, bona, ka lefu le sehlooho ke tla o amoha se ratwang ke mahlo a hao. O se ke wa lla, leha e le ho bokolla, meokgo ya hao e se ke ya keleketla.