Jobo 21:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na le re, ke itlaleha ho batho na? Ebe e tla ba keng ha ke sa fele pelo? BIBELE “Na ebe ke ipelaetsa ho motho? ho hloka mamello ebe ha ke ho lokele? |
Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka, ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.
Moshe a bolela jwalo ho bana ba Iseraele, empa ha ba ka ba mamela Moshe ka baka la bohloko ba pelo le la bokgoba bo thata.
A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ka nqa tsohle ke maswabi a isang lefung; salang mona, le fadimehe le nna.
O se ke wa hloma eka lekgabunyane la hao ke moradi wa Beliale; athe ho fihlela la kajeno, ke ntse ke buiswa ke boholo ba tsietsi ya ka le ba bohloko ba ka.