Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya, ke iketse moya wa leshano melomong ya baporofeta ba hae kaofela. A re ho wona: O tla mo thetsa, o be o hlole. Eya, o etse jwalo.
Jobo 2:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jehova o re ho Satane: Bona, o letsohong la hao! feela o qenehele bophelo ba hae. BIBELE Morena a re ho Satane: “Ho lokile, o matsohong a hao, feela o baballe bophelo ba hae.” |
Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya, ke iketse moya wa leshano melomong ya baporofeta ba hae kaofela. A re ho wona: O tla mo thetsa, o be o hlole. Eya, o etse jwalo.
O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame tseo a nang le tsona kaofela, mme o tla bona hore na a ke ke a o rohaka pontsheng.
Jehova a re ho Satane: Bona, tseo a nang le tsona kaofela di letsohong la hao; feela o se ke wa bea letsoho la hao ho yena. Yaba Satane o tloha pela Jehova.
O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame masapo a hae le nama ya hae, mme o bone ha a ke ke a o rohaka pepeneneng.
Yaba Satane o tloha pela Jehova, mme a otla Jobo ka mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa hara hlooho.
Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.
Empa ka ho re, ke se ke ka iphahamisa ka boholo ba ditshenolo tseo tse tlodisang, ke neilwe phatsa e hlabang ka nameng, e leng lengeloi la Satane, le tle le nkwahlele, hore ke se ke ka iphahamisa.
O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.