Jobo 19:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le tla nne le hlokofatse moya wa ka, le ho nthuhakanya ka dipolelo tsa lona ho isa kae? BIBELE “Ebe le tla nlhokofatsa halelele hakae, le ntshithabetse ka dipolelo ho fihlela neng? |
Bonang, kaofela ha lona le e lemohile hantle; mme le dumellane; ha ho le jwalo, le hlahisa dipolelo tsa lefeela keng?
Ka Modimo o phelang, o nkamohileng ho loka ha ka, le ka Ya matla wohle ya hlokofaditseng moya wa ka,
Taba tse jwaloka tseo o tla di bua ho isa kae na? Mantswe a molomo wa hao a be jwaloka moya o tsukutlang, ho isa kae na?
O tla isa kae, Jehova? Na o ka ntebala kamehla na? O tla mpatela sefahleho sa hao ho isa kae?
Masapo a ka a robeha, ha bao e leng dira ho nna ba ntlaka, ba ntse ba re ho nna ka matsatsi wohle: O kae na Modimo wa hao?
Puo tsa bona di bonolo jwaloka sereledi, empa pelo tsa bona di rata ntwa feela; mantswe a bona a fetisa ole ka monate, empa ke marumo a tsomotsweng.
Bona, ka melomo ya bona ba phutsalatsa mahlapa a bona, marumo a melomong ya bona, ba re: Na ho utlwa mang na?
E mong ha a bebera, puo tsa hae di hlaba jwaloka tsenene, empa molomo wa ya bohlale o a thoba.
Ya howa ka lentswe le phahamileng, ya re: Morena ya halalelang, wa nnete, o tla dieha ho le hokae ho ahlola le ho lefetsa madi a rona ho ba ahileng lefatsheng?
Yare ha a ntse a mo tshwenya ka dipolelo tsa hae ka matsatsi wohle, a ntse a mo hlodiya, pelo ya Samsone ya kgathala le ho isa lefung.