Ke itlama bakeng sa hae, o tla mmatla letsohong la ka, mme ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea pela hao, ke tla ba molato ho wena kamehla;
Jobo 17:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ako mpeele selebeletso bakeng sa ka; hobane ke mang ya ka nkemelang a ntshwere ka letsoho? BIBELE “Nkgolwe, Modimo, ke bua nnete, ha ho na e mong ya ka mpakelang; |
Ke itlama bakeng sa hae, o tla mmatla letsohong la ka, mme ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea pela hao, ke tla ba molato ho wena kamehla;
Hobane ke le mohlanka wa hao, ke itlamile ho ntate ka ngwana, ka re: Ekare ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ke tla ba le molato ho ntate kamehla.
Howa jwale! Na e mong o teng ya tla o arabela na? Ke ofe wa bahalaledi eo o tla retelehela ho yena?
Ya itlamellang ka molato wa e mong o tla tsieleha; empa ya hloileng ba phathatsanang letsoho, yena o iketlile.
Ya se nang kelello ke ya phathatsanang le e mong ka letsoho; o itlama ka molato wa wa habo.
Ruri, bofuma bo tla o fihlela jwaloka senokwane, tlala e o hlahele jwaloka motho ya o hlomeletseng.
Ka ba ka lla jwaloka moholodi le lefokotsane, ka bohola jwaloka leebakgorwana; mahlo a ka a kgathala ke ho lelala hodimo! Jehova, ke matswalong, o mpoloke!