Jobo 16:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke haholwa ke kgalefo ya wona; o ikentse sera ho nna, o phuranya meno ho nna; eo e leng sera ho nna o ntlhaba ka mahlo a bohale. BIBELE Ya ntlhoileng, ka kgalefo o a ntlepolaka, o ntsikitlanyetsa meno a hae; sera sa ka se ntjheba ka mahlo a ntjhotjho! |
Ho ya kang ha o tshwasitse maoto a ka ka difate, leha e le ho hlwela dika tsa ka kaofela le ho dikadiketsa bohato ba maoto a ka;
Wena ya ikgarolang ka bohale ba hao, na lefatshe le tla fetoha lefeella ka baka la hao, mafika a suthiswe tulong tsa wona na?
bonang, Modimo o batla sebaka sa ho nqala, o ntadimile jwaloka hoja ke le sera ho wona;
Metsu ya Ya matla wohle e ntlhabile, mme pelo ya ka e noswa mahloko a yona; matsoso a Modimo a hlopholohile ho ntwantsha.
Lemohang tseo, lona ba lebaleng Modimo, esere mohlomong ka le harola, mme ha hlokahala ya namolelang!
Ba o hloileng bohle ba o ahlamisetsa melomo ya bona, ba soma, ba tsikitlanya meno, ba re: Re mo metsitse; ruri, ke lona letsatsi leo re neng re ntse re le lebeletse, re le fumane, re le bone.
Hobane ke jwaloka tau ho Efraime, le jwaloka tawana ho ntlo ya Juda. Nna, nna ka sebele, ke a harola, ke ntoo ikela, ke nkile seo ke se hapileng, mme ha ho ya ka nkamohang sona!
Tloong, a re kgutleleng ho Jehova, hobane ke yena ya re harotseng, o tla re fodisa; o hlathile, o tla re tlamella leqeba.
O se ke wa thaba ka kotsi ya ka, wena o leng sera ho nna, hobane leha ke wele, ke tla boela ke eme; leha ke dutse lefifing, Jehova ho nna ke lesedi.