Na diphetholo tsa hae e ka ba mantswe a sa reng letho, le dipolelo tsa hae na di ka hloka thuso na?
Jobo 15:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho tshaba Modimo ho wena ke lefeela; mme o fedisa thapelo e etswang ho wona. BIBELE Ho tshaba Modimo o ho phephethetse hole le wena, ho rapela Modimo hona o a ho fedisa. |
Na diphetholo tsa hae e ka ba mantswe a sa reng letho, le dipolelo tsa hae na di ka hloka thuso na?
Na o batla thabo ya hae ho Ya matla wohle na? Na a ka rapela Modimo ka dinako tsohle na?
Motswalle wa ya swabileng e ka kgona a mmontshe lerato; ha ho se jwalo a ka tshoha a lesa ho tshaba Ya matla wohle.
Ha ba howeletse ho nna ka dipelo tsa bona, empa ba bokolla phateng tsa bona, ba bokana hammoho bakeng sa mabele le jwala, mme ba mphuralla.
Wa habo mofu o tla nka setopo sa hae le ya tlang ho se tjhesa, ho tle ho ntshwe ditopo tlung; mme o tla re ho ya dutseng motseo wa ntlo: Na o sa na le e mong le wena na? Eo o tla araba, a re: Tjhe, ha ho sa le motho. Ke moo a tla re: Thola! hobane ha ho na ho hopolwa lebitso la Jehova.
Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala!
Ha ke etse mohau wa Modimo lefeela; hobane ha ekaba ho loka ho tswa molaong, ekaba Kreste o shwetse lefeela.