Jobo 13:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na le ka rata hore o le botsisise hohle na? Kapa le ka o thetsa jwalokaha ho thetswa batho na? BIBELE Ha a le hoqisa ka dipotso ho tla ba jwang? Le tla mo soma jwalokaha le soma motho? |
Takatso ya ka ke hoba Jobo a lekwe ho isa qetellong haele mona a arabile ka mokgwa wa ba babe.
Mme jwale, le se ke la nna la soma, mahlaahlela a lona a tle a se ke a tiiswa; hobane ke utlwile ho Morena, Jehova wa makgotla, hore tshenyeho ya lefatshe lohle e rerilwe.
Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.