Jobo 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hola Modimo o mpa o ne o ka bua, wa ahlamisa molomo wa wona ho bua le wena, BIBELE Eka Modimo a ka be a dumela ho bua, a ahlamisa molomo, a ka a bua le wena; |
ho o senolela diphiri tsa bohlale ba wona, bo tebileng, bo fetang kutlwisiso ya rona, o ka be o bona hoba bakeng sa hao Modimo o lebetse boholo ba sebe sa hao.
Hola ke na le ya nkutlwang! Bonang, tiiso ya letsoho la ka ke ena! Hola Ya matla wohle a ka mphetola! Hola lengolo le le teng la ya nqosang molato!
Eitse hobane Jehova a bue dipolelo tseo ho Jobo, Jehova a re ho Elifase wa Themane: Bohale ba ka bo tuketse wena le metswalle ya hao e mmedi, hobane ha le a ka la bolela tsa ka hantle, jwalokaha ho entse Jobo, mohlanka wa ka.