Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.
Jobo 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Elellwa hle hobane o mpopile jwaloka letsopa; mme o re, ke kgutlele leroleng? BIBELE Ako hopole, o mpopile seka letsopa; na o tla nkgutlisetsa leroleng hape? |
Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.
O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.
ho jwalo hakakang ho ba ahileng matlung a letsopa, ba hlahileng leroleng, ba ka rinngwang jwaloka ditshwele!
Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.
Jehova, ako hopole hobane bophelo ba ka ke pudulo feela! Mahlo a ka ha a sa tla hlola a bona leseho;
Ha o pata sefahleho sa hao, di tsielehe; ha o di amoha phefumoloho, di fele, mme di kgutlele leroleng.
Jehova, o nkgopole ka baka la lereko la hao ho setjhaba sa hao; o ntlele ka poloko ya hao,
matla a ka a omile jwaloka lengeta, leleme la ka le manne mahalapeng a ka, o nthobaditse leroleng la lefu.
Hopola hore bophelo ba ka bo bokgutshwanyane, le hore bana bohle ba batho o ba bopetse lefeela!
lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.
Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?
Ha ho motho ya rapelang lebitso la hao, ya tsohang ho itshwarella ka wena; ka baka leo, o re patetse sefahleho sa hao, o re qhibidisitse ka baka la makgopo a rona.
Empa jwale, Jehova, o ntata rona; re letsopa, mme wena o Mmopi wa rona; kaofela ha rona re mosebetsi wa matsoho a hao.
Ha ke re, le nna nka etsa ka lona, ntlo ya Iseraele, kamoo mmopi eo a entseng kateng, ho bolela Jehova? Bonang, jwalokaha letsopa le le letsohong la mmopi, le lona, ntlo ya Iseraele, le jwalo letsohong la ka.
Na mmopi ha a na tokelo ya ho etsa ka kgwabi e le nngwe ya letsopa pitsa e nngwe ya ntho tse bokwang, le e nngwe ya ntho tse sa bokweng na?
Empa letlotlo leo, re na le lona dipitseng tsa letsopa, matla ao a tlodisang e be a Modimo, e seng a rona.