Jobo 10:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) ha o batla molato wa ka, mme o botsisisa sebe sa ka na? BIBELE Ha e le moo o tswile bosele ho tsoma bokgopo ba ka, o batla, o batlisisa le sebe sa ka? |
Ha ekaba ke entse sebe, ke o entse eng, Molemohi wa batho? O mpeile keng seo o betsang metsu ya hao ho sona, ke be ke fetohe phahlo feela?
Roba letsoho la ya kgopo, o batlisise bokgopo ba motho e mobe, ho fihlela o sa hlole o mo fumana.
Etswe le mosehong wa kobo ya hao ho fumanwa madi a meya ya mafutsana a se nang molato, ao o sa kang wa a tshwara a phunya ntlo ya hao, empa e le ka baka la mekgwa eo ya hao yohle.
Nakong eo, ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ke kgalemele banna bao ba hwamileng hodima ditshifa tsa bona, ba reng pelong tsa bona: Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe.
Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.
Teng, le tla batla Jehova, Modimo wa hao, mme o tla mo fumana, ha o ka mmatla ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle.