Jobo 10:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na o na le mahlo a nama na? Na o bona kamoo batho ba bonang kateng na? BIBELE Na o na le mahlo a nama? Na o bona jwalokaha batho ba bona? |
Hobane mahlo a wona a tadimile mekgwa ya batho bohle, mme o bona metsamao ba yona kaofela.
Hobane hase motho ya jwaloka nna hore ke fetolane le wona, mme re isane kahlolong le wona.
Yaba o re ho bona: Haele lona, le ipea ba lokileng pela batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pela Modimo.
Hlooho ya hae le moriri wa hae di ne di le tshweu, jwaloka boya bo bosweu ba nku, le jwaloka lehlwa; mahlo a hae a ne a le jwaloka kgabo ya mollo;
Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.