mme ntlo eo, leha e phahame hakalo, motho ka mong ya fetang pela yona o tla makala, a re: Jehova o etseditseng naha eo le ntlo eo jwalo?
Jeremia 51:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Sheshake (Babilona) o hapilwe jwang? Bo phahlilwe jwang, bokgabane ba lefatshe kaofela? Babilona o entswe jwang makatso hara ditjhaba? BIBELE “Motse wa Babilona ba o hapile! Motse oo fatshe lohle le neng le itlotla ka wona, o fetohile sesomo hara ditjhaba! |
mme ntlo eo, leha e phahame hakalo, motho ka mong ya fetang pela yona o tla makala, a re: Jehova o etseditseng naha eo le ntlo eo jwalo?
Babilona, letlotlo la mebuso, kganya ya bokgabane ya Bakalde, o tla ba jwaloka metse ya Sodoma le Gomorra, mohla e senngwang ke Modimo.
le tla ithorisa hodima morena wa Babilona ka sefela, le re: Na mohlorisi o fedile jwang? Botubo ha bo le siyo, ke ka mokgwa o jwang?
le marena kaofela a Leboya, a leng haufi le a leng hole, e mong le e mong, le mebuso yohle ya lefatshe e bophareng ba lefatshe; mme morena wa Sheshake (Babilona) o tla nwa kamora bona.
E bolailwe, e robilwe jwang, noto ya lefatshe lohle? Babilona o sentswe jwang hara ditjhaba?
Ka mohoo oo o reng: Babilona o hapilwe, lefatshe le a sisinyeha, lentswe la pokollo le utlwahala ditjhabeng.
Babilona o tla etswa diqubu tsa majwe, leaho la diphokojwe, makatso le sesomo, moo ho seng moahi teng.
Bohle ba ahileng dihlekehlekeng ba tshohile ka wena; marena a bona a qhaqhasela ke ho tshoha, difahleho tsa wona di a tlakasela.
hohle moo bana ba batho, le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, di ikahetseng teng, o di beile matsohong a hao, o o entse morena wa tsona tsohle; hlooho ya kgauta ke wena.
seo mahlaku a sona a leng matle, le ditholwana tsa sona di leng ngata, se nang le ho jewa ke bohle, se etsetsang diphoofolo tsa naha moriti, mme dinonyana tsa lehodimo di hahang makaleng a sona, se lekanya wena, morena, o leng moholo le matla, eo boholo ba hao bo leng boholo haholo, bo bileng bo amang lehodimo, eo mmuso wa hao o namileng ho isa pheletsong ya lefatshe.
yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?
mme o tla fetoha makalo, le sesomo, le tshomo hara ditjhaba tsohle tseo Jehova a tla o isa hara tsona.