Jeremia 5:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Makgopo a lona a kgelositse ntho tseo, le hanetswe melemo eo ka dibe tsa lona. BIBELE Ditshito tsa lona di thibetse tsena, dibe tsa lona tsa le amoha melemo ena. |
Lehwatata le behang a le fetola mobu wa letswai, ka baka la bolotsana ba baahi ba lona.
empa ke ditlolo tsa lona tse entseng lerako le le arohantseng le Modimo wa lona, ke ka baka la dibe tsa lona sefahleho sa wona se siretseng ho lona, o be o sitwe ho le utlwa.
Leha makgopo a rona a paka ho re qosa, oho Jehova, o ke o sebetse ka baka la lebitso la hao, hobane dikgeloho tsa rona di ngata; re o sitetswe.
Kahoo, diphoka di kile tsa nna tsa thibelwa, pula ya hwetla ha e a ka ya eba teng. Empa phatla ya hao ke ya seotswa, ha o tsebe ho ba le dihlong.
Ke mekgwa ya hao le diketso tsa hao tse o hlahiseditseng ntho tseo; ke bolotsana ba hao; ho a baba, ho ntse ho kena ho fihla pelong ya hao.
Molato wa hao o phethilwe, moradi wa Sione; ha ho sa tla ba ya o isang kgolehong; ho tla batlisiswa bokgopo ba hao, moradi wa Edomo, ho kwahollwe dibe tsa hao.