Ka baka leo, thohako e ja naha, ba ahileng teng ba otlwa ke hona; ke ka baka leo batho ba naha eo ba tjheswang, mme ba phonyohang ha ba bakae.
Jeremia 5:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla: Erekaha le boletse taba eo, bona, lentswe la ka ke tla le etsa mollo molomong wa hao, setjhaba sena e be lehong, o tle o ba timeletse. BIBELE Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Kaha setjhaba se buile mantswe ana, bona, polelo tsa ka tse tswang molomong wa hao, ke tla di etsa mollo, tjhaba sena e be patsi e tjheswang ke wona. |
Ka baka leo, thohako e ja naha, ba ahileng teng ba otlwa ke hona; ke ka baka leo batho ba naha eo ba tjheswang, mme ba phonyohang ha ba bakae.
Yaba Jehova o otlolla letsoho la hae, a ama molomo wa ka; mme Jehova a re ho nna: Bona, ke bea mantswe a ka molomong wa hao.
Na lentswe la ka ha le jwaloka mollo, ho bolela Jehova, le jwaloka noto e thuhang lejwe na?
Ka baka leo, ke ba otlile ka baporofeta, ke ba bolaile ka dipolelo tsa molomo wa ka; dikahlolo tsa ka tsa hlaha hang jwaloka lesedi!
Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.