Hobane Jehova o rata ho loka, mme ha a tlohele bakgethwa ba hae; ba bolokwa kamehla; empa lesika la ba babe le tla fediswa.
Jeremia 49:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa nna, ke hlobodisitse Esau, ke phahlile ditshabelo tsa hae, ha ho sa le moo a ka ipatang teng; leloko la hae le sentswe, le banababo, le ba ahisaneng le yena; o se a le siyo. BIBELE Ke tla hlobodisa Esau a be feela, baka tseo a ipatang ho tsona ke di pepese, hoo a ke keng a hlola a tseba ho ipata. Bana ba hae, bang ka yena, ba ahisaneng le yena, bana bohle ba tla timela, yena a ke ke a hlola a eba teng. |
Hobane Jehova o rata ho loka, mme ha a tlohele bakgethwa ba hae; ba bolokwa kamehla; empa lesika la ba babe le tla fediswa.
Bonang, mantsiboya, tshenyeho e hlahile hang; ha bo eso ho se, ha bo ho se ho se motho! Ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, le kabelo ya ba re hlobodisang.
Ke tla o nea maruo a bolokilweng nqalong tse ntsho, le tse patilweng sephiring, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova, Modimo wa Iseraele, ya o bitsitseng ka lebitso la hao.
Mme nna ke tla o honeletsa mose ho fihlela sefahlehong sa hao, ho tle ho bonwe ponopono ya hao.
Na motho a ka ya a pateha sephiring, hore ke se ke ka mmona, ho bolela Jehova? Ha ke re, mahodimo le lefatshe a tletse nna, ho bolela Jehova?
Molato wa hao o phethilwe, moradi wa Sione; ha ho sa tla ba ya o isang kgolehong; ho tla batlisiswa bokgopo ba hao, moradi wa Edomo, ho kwahollwe dibe tsa hao.
Leha ba ka ipata qhoweng ya Karmele, teng ke tla batlisisa, ke be ke ba tshware; leha ba ka ipatela mahlo a ka bodibeng ba lewatle, teng ke tla laela noha, mme e tla ba loma;
Dinatla tsa hao, Themane, di tla thothomela, ho tle ho fediswe banna bohle thabeng ya Esau ka polao.