La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 48:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Pokollo ya Heshbone e utlwahala ho isa Eleale; e utlwahala le ho fihla Jahatse, ho tloha Tsoware, ho isa Horonaime le Eglathe-Shelishija; hobane le wona metsi a Nimrime a sentswe.

Ver Capítulo

BIBELE

“Baahi ba Heshebone le ba Elele ba a lla, sello sa bona se utlwahala Jahase, se utlwahala ho tloha Soware ho ya fihla Horonaime, se be se yo utlwahala le Egelate-Sheleshiya, hoba le metsi a Nimerime a se a pshele.

Ver Capítulo



Jeremia 48:34
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora.


marena ao a futuhela Bera, morena wa Sodoma, le Birsha, morena wa Gomora, le Shineabe, morena wa Adma, le Shemeebere, morena wa Tseboime, le morena wa Bela, ke ho re, wa Tsoware.


Kahlolo e setse e tlile naheng ya lehwatata, e tlile le Holone, le Jahatse, le Mefaathe,


Hobane moepeng wa Lukithe, ba lla le ho lla, hobane motheong wa Horonaime ho utluwa mohoo wa tshenyo ya dira.


Atharothe, Dibone, Jaesere, Nimra, Heshbone, Eleale, Sebame, Nebo, le Beone,


le naha e ka nqa borwa, le naha ya Jordane, le lehwatata la Jeriko, motse wa dipalema, ho isa Tsoware.


le Jaatse, le Kedemothe, le Mefaathe;