Metse ya Heshbone le Eleale e a howa, mantswe a yona a utlwahetse ho isa Jahatse; le bona bahale ba Moabe ba phahamisa mantswe a bona, dipelo tsa bona kaofela di a tepella.
Jeremia 48:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kahlolo e setse e tlile naheng ya lehwatata, e tlile le Holone, le Jahatse, le Mefaathe, BIBELE Kahlolo e fihlile ka dihlabeng, e fihlile Holone le Jahase le Mefarata; |
Metse ya Heshbone le Eleale e a howa, mantswe a yona a utlwahetse ho isa Jahatse; le bona bahale ba Moabe ba phahamisa mantswe a bona, dipelo tsa bona kaofela di a tepella.
Pokollo ya Heshbone e utlwahala ho isa Eleale; e utlwahala le ho fihla Jahatse, ho tloha Tsoware, ho isa Horonaime le Eglathe-Shelishija; hobane le wona metsi a Nimrime a sentswe.
Mosenyi o tla kena motseng o mong le o mong, ha ho motse o tla pholoha; kgohlo e tla senngwa, lehwatata le ripitlwe, hobane ho boletse Jehova.
ha ho le jwalo, bona, ke tla phetla lehlakore la Moabe, ho tloha metseng ya hae e pheletsong ya hae, e etsang naha botle: Bethe-Jeshimothe, Baale-Meone, le ho ea fihla Kiriathaime;
Ka baka leo, Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re: Ke a phela, ke re, Moabe o tla ba jwaloka Sodoma, bana ba Ammone ba be jwaloka Gomorra, e leng lefa la bobatsi, le dikgatampi tsa letswai, le nahathothe ka ho sa feleng; masala a setjhaba sa ka a tla ba lobela, le se setseng sa batho ba ka, se tla ba rua ka mokgwa wa lefa.
Empa Sihone ha a ka a dumella Iseraele ho feta ka naha ya hae; empa a bokella setjhaba sa hae kaofela, a ya kgahlanyetsa Iseraele feelleng. A tla Jahatse, a lwantsha Iseraele teng.
ke Heshbone le metse yohle ya teng e ka sehlabeng; Dibone le Bamothe-Baale, le Bethe-Baale-Meone