Jeremia 42:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane ho fete ditshiu tse leshome, lentswe la Jehova la tla ho Jeremia. BIBELE Yare hoba ho fete matsatsi a leshome, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia. |
Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejwe Sione, e be motheo, lejwe le lekilweng, lejwe la ntlha la bohlokwa, le theilweng ka mokgwa o tiileng; ya dumelang ha a na ho baleha.
Ka baka leo, Jehova o tla lebella ho le hauhela; ka baka leo, o tla ema ho le rekolohela, hobane Jehova ke Modimo o lokileng. Ho lehlohonolo ba mo tshepang kaofela!
Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, hobane Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a mo kgutlisa Rama, kamoo a neng a ile le yena kateng, a mo tlamile ka mahlaahlela, a le hara ba tshwerweng kaofela ba Jerusalema le ba Juda ba iswang kgolehong Babilona.
Yaba o bitsa Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla ba neng ba le ho yena, le setjhaba kaofela, ba banyenyane le baholo;
hobane tshenolo eo e sa duletse nako ya teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ya thetsa. Ha e ka dieha, o e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ya fela.