hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, ho fihlela lefatshe le phetha Disabatha tsa lona; la fela la lala ka motsotso wohle oo le ileng la etswa nahathothe ka wona, hore ho be ho phethehe dilemo tse mashome a supileng.
Ho sale ho thonakwa, jwaloka mohla ho hlohlorwang sefate sa mohlwaare, ha tholwana di sala di le pedi, kapa di le tharo makaleng a hodimo, di be nne, kapa di be hlano ntlheng tsa makala a sefate a behang: ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele.
Jakobo, ke na le wena ho o pholosa, ho bolela Jehova, hobane ke tla fedisa hohle ditjhaba kaofela tseo nkileng ka o qhalanyetsa ho tsona, empa wena, nke ke ka o fedisa; ke tla o laya ka ho loka; nke ke ka o tlohela feela, o sa kgalemelwe.
Tau e tswile letsabeng la yona, mosenyi wa ditjhaba o futuhile, o tswile nqalong ya hae ho senya lefatshe la hao, metse ya hao e tle e ripitlwe, e be e hloke moahi.
Bohale ba ka le kgalefo ya ka ya ba ya tsholoha, ya tuka metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tse fetohileng lesupi le lefeella, jwalokaha ho bonahala kajeno.
Wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, ho bolela Jehova, hobane ke na le wena, hobane ke tla fedisa ditjhaba kaofela tseo ke o qhalanyeditseng hara tsona; ha e le wena, nke ke ka o fedisa, ke tla o kgalemela ka tekanyo; leha ho le jwalo, ke sitwa ho o lesa o sa lauwe.
Mme metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke tla kgutsisa lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane lefatshe le tla be le entswe lesupi.
Morena o tenehile ke aletare ya hae, sehalalelo sa hae ya eba manyala ho yena; o neetse mabota a matlo a hae a borena matleng a sera. Ba phahamisitse mantswe a bona ka tlung ya Jehova, jwalokaha ho etswa ka tsatsi la mokete.
Ka re ke sa porofeta, Pelathia, mora Benaia, a shwa. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Jo! Morena Jehova, na ke ho re, o ya timeletsa masala a Iseraele na?
Ke tla etsa lefatshe nahathothe le lefeella, boikgohomoso bo matla ba lona bo tla fela, dithaba tsa Iseraele di senyehe, ho se e mong ya tlang ho feta ho tsona.
Ke tla ba otlollela letsoho la ka, ke etse lefatshe la bona lefeella le lebe ho feta lefeella la Dibla, hohle moo ba ahileng teng. Mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.
Ke tla senya metse ya lona, ke e etse dithako; ke tla sohlokanya dihalalelo tsa lona, mme ha ke sa tla hlola ke fofonela dibano tsa lona tse monko o monate.
Leha ho le jwalo, ha ba sa ntse ba le naheng ya bao e leng dira ho bona, nke ke ka ba lahla, mme nke ke ka ba kgesa hore ke ba fedise, mme ke robe selekane sa ka le bona; hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona.
Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho.