ka ho tshaba bongata, le kahobane nyatso ya setjhaba e ne e ntshosa, mme ka itholela, ke sa tswele ntle ho monyako wa ka! ...
Jeremia 38:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Monga ka, morena, batho bao ba entse hampe ha ba entse moporofeta Jeremia jwalo, ba mo lahletse lemeneng; o se a ya shwa ke tlala moo a leng teng, hobane ho se ho se le bohobe motseng. BIBELE “Monga ka, kgosi ya ka, banna bana ba etseditse moporofeta Jeremia bokgopo ka ho mo lahlela ka mokoting; a ka nna a shwela kamoo ka mokoting ke tlala, hobane ha ho sa na dijo motseng mona.” |
ka ho tshaba bongata, le kahobane nyatso ya setjhaba e ne e ntshosa, mme ka itholela, ke sa tswele ntle ho monyako wa ka! ...
Ke tla ba jesa nama ya bara ba bona le nama ya baradi ba bona; e mong o tla ja nama ya motswalle wa hae tsietsing le patisong eo ba tla patiswa ka yona ke bao e leng dira ho bona le ke ba batlang bophelo ba bona.
Yaba morena Tsedekia o laela hore Jeremia a bewe lebaleng la teronko, a newe ka tsatsi le leng le le leng polokwe ya bohobe e tswang seterateng sa diapehi, ho fihlela bohobe bo fela motseng. Mme Jeremia a hlola lebaleng la teronko.
Yaba Morena o laela Ebede-Meleke, Moethiopia, a re: Inkele batho ba mashome a mararo mona, o nyolle moporofeta Jeremia lemeneng, a eso ho shwe.
Empa ke tla o namolela tsatsing leo, ho bolela Jehova, o ke se ke wa neelwa matsohong a batho bao o ba tshabang.
Ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong, tlala e be e le kgolo motseng; ho ne ho se bohobe ho setjhaba sa lefatshe.
Batho ba hae kaofela ba fehelwa, ba batla bohobe; ba neile ntho tsa bona tsa bohlokwa ho bona dijo tse ka tsosang bophelo ba bona. Bona, Jehova, o lemohe, hobane ke fetohile ya nyediswang.