Eitse ha morena a bona mofumahadi Esthere a eme lebaleng, a fumana mohau mahlong a hae, mme morena a nanabelletsa Esthere lere la kgauta le letsohong la hae; yaba Esthere o atamela, a ama ntlha ya lere.
Jeremia 38:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Morena o laela Ebede-Meleke, Moethiopia, a re: Inkele batho ba mashome a mararo mona, o nyolle moporofeta Jeremia lemeneng, a eso ho shwe. BIBELE Yaba kgosi e laela Ebede-Meleke wa Mokushe, e re: “Nka banna ba mashome a mararo le yo ntsha moporofeta Jeremia ka mokoting a eso ka a eshwa.” |
Eitse ha morena a bona mofumahadi Esthere a eme lebaleng, a fumana mohau mahlong a hae, mme morena a nanabelletsa Esthere lere la kgauta le letsohong la hae; yaba Esthere o atamela, a ama ntlha ya lere.
Morena Assueruse a re ho mofumahadi Esthere le ho Mojuda Mordekai: Bonang, ke neile Esthere ntlo ya Hamane, mme yena o ile a fanyehwa sefateng, hobane a ne a isitse letsoho la hae ho Bajuda.
Pelo ya morena e letsohong la Jehova, o e lebisetsa hohle moo a ratang teng, jwaloka melatswana ya metsi.
Yaba Ebede-Meleke o inkela batho bao, a ya ka tlung ya morena, katlasa kamore ya polokelo, a inkela ditsiba le dikatana tse onetseng, mme a di theolela ho Jeremia, ka lemeneng, ka marapo.
Yaba Ebede-Meleke, Moethiopia, molebedi ya neng a le ka tlung ya morena, o utlwa hobane ba lahletse Jeremia lemeneng; mme morena o ne a dutse monyako wa Benjamine.
Monga ka, morena, batho bao ba entse hampe ha ba entse moporofeta Jeremia jwalo, ba mo lahletse lemeneng; o se a ya shwa ke tlala moo a leng teng, hobane ho se ho se le bohobe motseng.