Yaba Davida o re: Ke tla etsa Hanune, mora Nahashe, hantle, kamoo le ntatae a kileng a nketsa hantle kateng. Kahoo, Davida a roma bahlanka ba hae ho ya mo tshedisa bakeng sa ho shwa ha ntatae. Bahlanka ba Davida, ha ba fihla naheng ya bana ba Ammone,
Lentswe la Jehova la tla jwalo ka moporofeta Jehu, mora Hanani, hodima Baesha le ntlo ya hae, ka baka la bobe boo a bo entseng mahlong a Jehova, kamoo a kileng a mo halefisa kateng ka mesebetsi ya matsoho a hae, a le jwaloka ba ntlo ya Jeroboame, a mo halefisitse le ka ho e timetsa.
Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Eya, o bolelle Tsedekia, morena wa Juda, o re o yena: Ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o tjhese ka mollo.