Hanameele, ngwana rangwane, a ba a tla ho nna lebaleng la teronko, kamoo ho neng ho boletse Jehova kateng, a re ho nna: Ako ithekele tshimo ya ka e Anathothe, naheng ya Benjamine, hobane tokelo ya ho e rua ke ya hao le ya topollo ke ya hao; o ithekele yona. Yaba ke a tseba hobane ke lona lentswe la Jehova.
Yaba morena Tsedekia o laela hore Jeremia a bewe lebaleng la teronko, a newe ka tsatsi le leng le le leng polokwe ya bohobe e tswang seterateng sa diapehi, ho fihlela bohobe bo fela motseng. Mme Jeremia a hlola lebaleng la teronko.
e leng Evangeli eo ke mamellang bothata bo boholo, mme ke bile ke tlangwa ka baka la yona, jwaloka hola ke le sehlola; empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.