Jeremia 30:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tsatsing lona leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla robakanya joko molaleng wa hao, ke kgaole marapo a hao; ba ditjhaba ha ba sa tla mo rua. BIBELE “Ka tsatsi leo, ho rialo Morena mabotho, ke tla roba joko e molaleng wa sona, marapo a se tlammeng ke a kgaole, se se hlole se sebeletsa baditjhaba. |
Mehleng eo, boima ba Assiria bo tla tloswa lehetleng la hao, le joko ya hae molaleng wa hao, joko e robehe ka baka la ho nona ha hao.
Hobane Jehova o tla hauhela Jakobo, o sa tla be a ikgethele Iseraele, a ba ahise lefatsheng la bona; baditjhaba ba tla kopana le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.
Ke tla roba Baassiria lefatsheng la ka, ke ba hatakele ka maoto dithabeng tsa ka, hore batho ba ka ba lokollwe jokong ya bona, ba jarollwe phahlo ya bona melaleng ya bona.
Etlare hobane Jehova a le kgatholle mokgathaleng wa lona, le ditsietsing tsa lona, le kgolehong e thata eo le hlorisitsweng ka yona,
Hobane joko eo se neng se e jara, le thupa e neng e otla mahetla a sona, le molamu wa mohlorisi wa sona, a di robile jwalokaha o entse mohla Midiane.
Hobane e se e le kgale o robile joko ya hao, o lokolotse ditlamo tsa hao, wa re: Ha ke sa tla sebeletsa. Ke moo o ineetseng bootswa marallaneng wohle a phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku.
Hobane le bona ba tla bewa katlasa ditjhaba tse kgolo le mebuso e meholo, mme ke tla busetsa ho bona ka diketso tsa bona le ka mosebetsi wa matsoho a bona.
Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, yena, le mora wa hae, le setloholo sa hae, ho fihlela mohla nako ya lefatshe la hae le lona e hlahang ya ho kokobetswa ke ditjhaba tse ngata le ke mebuso e meholo.
Eya, o bolelle Hanania, o re: O robakantse joko ya sefate, empa o tla etsa joko ya tshepe bakeng sa yona.
Le Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le ba kgolehong kaofela ba Juda ba ileng Babilona, ke tla ba busetsa nqalong ena, ho bolela Jehova, hobane ke tla roba joko ya morena wa Babilona.
Haele Takpanese, motshehare o tla fetoha lefifi, mohla ke robang joko ya Egepeta teng, mme boikgohomoso ba teng bo matla bo felang. Leru le letsho le tla apesa motse oo, mme barwetsana ba teng ba tla ya kgolehong.
Sefate se naheng se tla beha ditholwana tsa sona, lefatshe le behe tsa lona; ba tla iketla naheng ya bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke robang difate tsa joko ya bona, ke ba namolelang matsohong a ba ba sebedisang.