Mehleng eo, Jerusalema e tla bitswa terone ya Jehova; ditjhaba tsohle di tla phuthehela Jerusalema ka baka la lebitso la Jehova; mme ha di sa tla tsamaya ka bothata ba dipelo tse mpe tsa tsona.
Ha nako eo e fihla, Jerusalema e tla bitswa terone ya Morena, ditjhaba tsohle di phuthehele Jerusalema ho ya kgumamela Morena. Tjhaba tseo di ke ke tsa hlola di etsa seo dipelo tsa sona tse manganga, tse kgopo, di lakatsang hore se etswe.
Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.
ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.
Haele bana ba baditjhaba ba kgomaretseng Jehova, ho mo sebeletsa le ho rata lebitso la Jehova, hore e tle e be bahlanka ba hae, bona kaofela ba bolokang sabbatha, ba tshabang ho e silafatsa, mme ba tiisetsa selekaneng sa ka,
Ke moo ba tlang ho tshaba lebitso la Jehova bophirimela, le kganya ya hae botjhabela; etlare ha dira di etla jwaloka noka, moya wa Jehova o tla di qhalanya.
Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?
Mesebetsi ya bona le mehopolo ya bona e pepeneneng ho nna ... E se e le nako ya ho phutha ditjhaba kaofela le dipuo tsohle, hore di tle, mme di bohe kganya ya ka.
Ba tla tlisa banababo lona ba tswang ditjhabeng tsohle, e be kabelo ho Jehova, ba ba tlise ka dipere, le ka makoloi, le ka malao, le ka diesele, le ka dikamele, thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema: ho bolela Jehova; ho be jwaloka mohla bana ba Iseraele ba tlisang dinyehelo tsa bona ka tlung ya Jehova ka dipitsa tse hlwekileng.
Empa ha ba ka ba utlwa, ha ba ka ba sekeha ditsebe; ba nnile ba tsamaya e mong le e mong bothateng ba pelo e mpe ya hae; yaba ke moo ke ba hlahiseditseng mantswe wohle a selekane seo ke neng ke ba laetse hore ba se boloke, mme ha ba ka ba se boloka.
Ekare ha ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, hore ba tle ba ane ka lebitso la ka, ba re: Ka Jehova ya phelang, kamoo ba rutileng setjhaba sa ka kateng ho ana ka Baale, ke tla ba ahisa hara setjhaba sa ka.
Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.
Nna ka re: Nka o bea jwang baneng ba ka, nka o nea jwang lefatshe le lakatsehang, leruo le letle la makgotla a ditjhaba? Ka re: Le tla mpitsa Ntate, mme ha le sa tla nkwenehela.
Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ba sa tla bolela polelo ena lefatsheng la Juda le metseng ya teng, ha ke se ke kgutlisitse ba bona ba kgolehong, ba re: Jehova a ke a o hlohonolofatse, leaho la ho loka, thaba e kgethehileng!
Motse ona ho nna e tla ba lebitso la thabo le dithoko le kganya pela ditjhaba tsohle tsa lefatshe tse tlang ho utlwa molemo kaofela oo ke tla o etsetsa wona; di tla tshaba, di thothomele ka baka la molemo wohle le la boiketlo bohle boo ke tlang ho o etsetsa jona.
Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha ditsebe, ba nnile ba tsamaya mererong le bothateng ba dipelo tse mpe tsa bona, ba nnea seholoholo, e seng sefahleho.
Kahodimo ho sebaka se okametseng dihlooho tsa tsona, ho ne ho le ntho e kang lehakwe la safire, e nang le sebopeho sa terone; mme sebopehong sa terone, ho ne ho le ntho e kang sebopeho sa motho ya dutseng ho yona, nqa hodimo.
a re ho nna: Mora motho, ke yona nqalo ya terone ya ka, le moo bohato ba maoto a ka bo tla ema teng, e leng moo ke tla dula hara bana ba Iseraele ka ho sa feleng; ntlo ya Iseraele hae sa tla silafatsa lebitso la ka le halalelang, leha e le bona, leha e le marena a bona, ka ho boka ha bona le ka ditopo tsa marena a bona, le ka dinqalo tsa bona tse diphahameng.
Ha ho potwa motse kaofela, ke bolelele bo ditswe tse dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi. Ho tloha tsatsing leo, lebitso la motse e tla ba le reng: Jehova Shamma (Jehova o teng mona).
Ditjhaba tse ngata di tla kgomarela Jehova ka tsatsi leo, mme e tla ba setjhaba sa ka; ke tla dula kahare ho wena, o tle o tsebe hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho wena.
Tjellane eo e rokilweng, etlere ha le e tadima, le hopole ditaelo tsohle tsa Jehova, le di etse; le ke ke la batla tsa boithatelo ba dipelo tsa lona le ba mahlo a lona, kamoo bo ntseng bo le febisa kateng;
Hobane, leha ba tsebile Modimo, ha ba ka ba o tlotlisa ka ho re, ke Modimo, mme ha ba ka ba o leboha; empa ba fetohile mawatla mehopolong ya bona, mme dipelo tsa bona, tse hlokang kelello, di fifetse.
Ditaba tse patilweng ke tsa Jehova, Modimo wa rona, empa tse senotsweng ke tsa rona, le tsa bana ba rona ka ho sa feleng, re tle re etse ka ditaba tsohle tsa molao ona.
Enere moahlodi eo ha a timetse, ba ne ba boela ba itshenya le ho feta bontata bona, ka ho latela medimo esele hore ba e sebeletse le ho inama pela yona, ba sa lahle letho la mesebetsi ya bona le la metsamao ya bona e thata.