Jeremia 26:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba morena Jojakime o romela batho Egepeta, a roma Elnathane, mora Akbore, a ena le ba bang ho ya Egepeta. BIBELE Kgosi Jehoyakime a roma banna Egepeta, e leng Elenathane, mora wa Akabore, le banna ba bang ba neng ba mo tsamaisa tsela ho ya Egepeta. |
Morena a laela moprista Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Akbore, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia, mohlanka wa morena, a re:
Ebile moprista Hilkia, le Akikame, le Akbore, le Shafane, le Asaia ba ya ho moporofeta Hulda, mosadi wa Shallume, mora Thikva, mora Harhase, mmoloki wa diaparo. O ne a ahile Jerusalema, karolong e nngwe ya motse. Ha ba mmoleletse,
Lengolo a le neeletsa matsohong a Eleasa, mora Shafane, le Gemaria, mora Hilkia, bao Tsedekia, morena wa Juda, a neng a ba romela Babilona, ho morena wa Babilona; le ne le re:
a theohela ka tlung ya morena ka kamoreng ya mongodi; mme bonang, ba baholo ba ne ba dutse teng kaofela, e le Elishama mongodi, le Delaia, mora Shemaia, le Elnathane, mora Akbore, le Gemaria, mora Shafane, le Tsedekia, mora Hanania, le baholo ba bang kaofela.
Empa Elnathane, le Delaia, le Gemaria, ba ne ba rapetse morena hore a se ke a tjhesa maqephe a lengolo: a mpa a sa ka a ba utlwa.
ba romela ho ntsha Jeremia lebaleng la ntlo ya teronko, ba mmea ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a tle a mo nkele ha hae. Mme Jeremia a nna a sala hara setjhaba.
Hape, ho le banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba ntlo ya Iseraele; hara bona ho eme Jaasania, mora Shafane; ba eme pela tsona, e mong le e mong a ena le pitsa ya hae ya dibano ka letsohong la hae, mme mosi wa leru la dibano wa thukgubela.