Ka Jehova, Modimo wa hao o utlwang, ha ho setjhaba, leha e le mmuso, moo monga ka a sa kang a romela ho o batla; ha ho no ho thwe, ha o yo, o ne a antsha ba mebuso yohle le ditjhaba tsohle ka ho re, ha ba ka ba o bona.
Jeremia 26:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le hona motho o ne a le teng ya porofetang ka lebitso la Jehova, e leng Uria, mora Shemaia, wa Kiryathe-Jearime; o ne a ntse a porofeta bakeng sa motse wona le sa fatshe lena, kahohle jwaloka mantswe a Jeremia. BIBELE Ho ne ho ena le monna e mong ya neng a porofeta ka lebitso la Morena. E ne e le Uriya, mora wa Shemaya ya tswang Kiriate-Jearime. Le yena o ne a porofetela motse ona le naha ena timelo, mme a bua mantswe wohle a tshwanang le a Jeremia. |
Ka Jehova, Modimo wa hao o utlwang, ha ho setjhaba, leha e le mmuso, moo monga ka a sa kang a romela ho o batla; ha ho no ho thwe, ha o yo, o ne a antsha ba mebuso yohle le ditjhaba tsohle ka ho re, ha ba ka ba o bona.
Le yena a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le ka tsohle tse entsweng ke bontatae.
Ke kgalemetse bana ba lona ka lefeela; ha ba amohele tayo; lerumo la lona le bolaile baporofeta ba lona jwaloka hoja ke tau e harolang.
Yaba baholo ba re ho Baruke: Eya, o ipate, wena le Jeremia, ho se be motho ya tsebang moo le leng teng.
Kiryathe-Baale, e leng Kiryathe-Jearime, le Rabba: ke metse e mmedi le metsana ya yona.
Nqa bophirimela, moedi o ya pele, ebe o leba nqa borwa ho tloha thabeng e pela Bethe-Horone, nqa borwa o ye ho fella pela Kiryathe-Baale, e leng Kiryathe-Jearime, motse wa bana ba Juda; ke moedi ka nqa bophirimela.
Ebile bana ba Iseraele ba tloha, ba fihla metseng ya bona ka tsatsi la boraro; metse ya bona e ne e le Gibeone, le Kefira le Beerothe, le Kiryathe-Jearime.
Ha ho le jwalo, ba romela manqosa ho ba ahileng Kiryathe-Jearime, ba re: Bafilesta ba busitse areka ya Jehova; theohang, le itatele yona.
Ha ho le jwalo, areka ya Jehova ya dula Kiryathe-Jearime matsatsi a mangata, ya eba dilemo tse mashome a mabedi. Mohlang oo, bohle ba ntlo ya Iseraele ba hlolohelwa Jehova.