Le mohlomong, leha a ka bolela hore ha a kgahlwe ke nna, ke nna enwa, a ke a etse ka nna kamoo a ratang kateng.
Jeremia 26:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele nna, bonang, ke matsohong a lona; etsang ka nna kamoo ho leng molemo kateng, le ka ho loka mahlong a lona. BIBELE Ha e le nna ke matsohong a lona: Etsang ka nna seo lona le bonang se le molemo, mme se lokela. |
Le mohlomong, leha a ka bolela hore ha a kgahlwe ke nna, ke nna enwa, a ke a etse ka nna kamoo a ratang kateng.
Morena Joase ha a ka a elellwa molemo oo Jehojada, ntata Sakaria, a neng a mo etseditse wona; a bolaya mora wa hae; mme eo, ho shweng ha hae, a re: Jehova a ke a bone, mme a ahlole!
Mme morena a re ho Hamane: Ditjhelete tseo di neilwe wena, o neilwe le setjhaba seo, o tle o etsa ka sona kamoo o ratang kateng.
Feela, le itsebele hobane, ha le ka mpolaya, etlaba le beile madi a se nang molato hodima lona, le hodima motse ona, le hodima baahi ba teng; hobane kannete Jehova o nthomile ho lona, hore ke tle ke bolele mantswe ao kaofela ditsebeng tsa lona.
Yaba morena Tsedekia o re: Bonang, o matsohong a lona, hobane morena a ke ke a ba le matla ho lona.
Shadrake, Meshake le Abede-Nego ba araba taba eo, ba re ho morena Nebukadnesare: Ha re a tshwanela ho o arabela letho tabeng ena.
O ka bona jwale, re matsohong a hao; etsa ka rona ka mohau le ka ho loka, kamoo o lekanyang kateng.