Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.
Ba nonne, ba sotse, le hona ba tlodisa bobe bo ka bolelwang. Ho ahloleng ha ba ahlole, ha ba ahlolele kgutsana, mme ba atleha; ha ba etsetse nyewe ya mafutsana kahlolo.
Empa ya ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke nna Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatsheng, hobane ke kgahliswa ke tseo, ho bolela Jehova.
Ba kobile maleme a bona jwaloka seqha, ho betsa leshano; hase ka bokgabane ba natlafalang lefatsheng, hobane ereha ba etswa bobeng bo bong, ba ye ba tlolele bobeng bo bong; mme ha ba ntsebe, ho bolela Jehova.
Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.
Ka molomo ba bolela hore ba tseba Modimo, empa ba o latola ka diketso; ke ba manyala le ba hanang ho utlwa, mme ba sitwa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.