Morena wa Egepeta a bea Eliakime, ngwanabo Joakase, morena wa Juda le Jerusalema, mme a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime. Haele Joakase, ngwanabo, Neko a ya le yena, a mo isa Egepeta.
Jeremia 22:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho madimabe ya hahang ntlo ya hae ka bokgopo, le dikamore tsa hae ka ho se loke, ya sebedisetsang wa habo lelea, a sa mo nee moputso wa mofufutso wa hae; BIBELE “Ho madimabe ya hahang ntlo ya hae ka bolotsana, a hahe disolloro tsa yona ka bomenemene; ya etsang hore mohahabo a sebeletse lelea, ya sa lefeng moputso wa mosebeletsi wa hae. |
Morena wa Egepeta a bea Eliakime, ngwanabo Joakase, morena wa Juda le Jerusalema, mme a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime. Haele Joakase, ngwanabo, Neko a ya le yena, a mo isa Egepeta.
Jojakime o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa hae.
Ho madimabe ba rokahanyang ntlo le ntlo, ba eketsang tshimo ka tshimo, ho fihlela baka se fela, e tle e be lona le nnotshi benghadi ba naha!
Ya bokellang maruo ka ho se loke, ke kgwale e alamang se sa beweng ke yona; mahareng a ditshiu tsa hae o ya a tlohela, ho feleng ha hae e tla ba lewatla.
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda: A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! ngwaneso! leha e le: Jo! kgaitsedi! A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! morena! Jo! bokgabane ba hae!
O se ke wa katella wa heno, leha e le ho mo tlatlapa. Moputso wa ya o sebeletsang ka letsatsi, o se ke wa o boloka ho isa hosasane.
Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.
Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.