Hobane matlo a borena a tla tlohelwa, motse wa lerata o tla fetoha lesupi; leralla le tora ya sebohodi e be mahaha ka ditshiu le ditshiu, e be thabo ya dipitsi tsa naha le makgulo a mehlape,
Jeremia 14:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le dipitsi di eme marallaneng, di fofonela moya jwaloka diphokojwe, mahlo a tsona a eba, hobane ha ho jwang bo botala. BIBELE Tonki tse hlaha, hodima maralla a phollatsi, di fofonela moya jwalokaha eka ke diphokojwe, mahlo a tsona a a eba, hobane jwang ha bo yo!” |
Hobane matlo a borena a tla tlohelwa, motse wa lerata o tla fetoha lesupi; leralla le tora ya sebohodi e be mahaha ka ditshiu le ditshiu, e be thabo ya dipitsi tsa naha le makgulo a mehlape,
Ke pitsi e tshehadi e lemaletseng lefeelleng, e fofonelang moya ka takatso ya yona; ho matheng ha yona e ka kgannwa ke mang? Tse tona tse e batlang di ke ke tsa e kgathalla, di ya e fumana kgweding ya yona.
Le kajeno, mahlo a rona a ntse a eba ke ho lebella thuso ya rona! Ke lefeela; tebellong ya rona re lebile ho setjhaba se se nang ho pholosa.
Makgomo a fehelwa hakakang! Mehlape ya dikgomo e a hlanya, hobane ha e sa na makgulo; le yona mehlape ya dinku e utlwa bohloko.
Yaba Jonathane o re: Ntate o tsieditse setjhaba; a le ke le boneng hobane mahlo a ka a edile, ke hobane ke latswitse dinotshi tsena hanyenyane.