Jeremia 14:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Esita le tholo e naheng e a tswala, mme e lahla namane, hobane botala ha bo yo. BIBELE Kgama le yona e tswaletse hara naha, e siile ledinyane hoja e qeta ho le tswala, e le siya hobane naha e se na jwang. |
Lentswe la Jehova le tswadisa dikgama, le hlobodisa meru; ka tempeleng ya hae tsohle di re: Kganya!
Metsi a Nimrime a sentswe, hobane hlaha e omeletse, jwang bo fedile teng, botala ha bo sa le yo.
Makgomo a fehelwa hakakang! Mehlape ya dikgomo e a hlanya, hobane ha e sa na makgulo; le yona mehlape ya dinku e utlwa bohloko.