Le hona o tla tswa teng, o rwetse matsoho a hao hloohong, hobane Jehova o lahlile bao o ba tshepileng, o ke ke wa fumana thuso ho bona.
Jeremia 14:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Balemi ba hlabiswa dihlong, ba ikgurumeditse dihlooho, hobane naha e maketse, ke hobane pula e sa ne lefatsheng. BIBELE Naha e omeletse hobane pula ha e yo, balemi le bona pelo tsa bona di nyahame, matsoho ba a beile hodima dihlooho. |
Le hona o tla tswa teng, o rwetse matsoho a hao hloohong, hobane Jehova o lahlile bao o ba tshepileng, o ke ke wa fumana thuso ho bona.
Kahoo, diphoka di kile tsa nna tsa thibelwa, pula ya hwetla ha e a ka ya eba teng. Empa phatla ya hao ke ya seotswa, ha o tsebe ho ba le dihlong.
Swabang, lona balemi ba koro; le bokolle, lona balemi ba morara, ka baka la koro le ka baka la harese, hobane se neng se tla kotulwa masimong, se timetse.
Dipeo di bodile katlasa makote; mediko e feela, matlo a polokelo a helehile, hobane koro e omeletse.
Ekare ha le sa nkutlwe ka tseo, ke tla eketsa kotlo hasupa, ke tle ke le otle ka baka la dibe tsa lona.
ba metse e mmedi, e meraro, ba ya ba ntse ba thekesela motseng o mong ho ya nwa metsi, empa ba se ke ba kgolwa; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna ho bolela Jehova.
le lefatshe lena lohle e le sebabole, le letswai, le ho tjha, le sa jallwe, le sa behe letho, ho se jwang bo melang ho lona, ho tshwana le ho ripitlwa ha Sodoma, le ha Gomorra, le ha Adma, le ha Tseboime, metse e ripitlilweng ke Jehova bohaleng ba hae le kgalefong ya hae;