O tla tsodiswa, dihlong tsa hao di bonahale; ke tla iphetetsa, mme nke ke ka qenehela motho.
Jeremia 13:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme nna ke tla o honeletsa mose ho fihlela sefahlehong sa hao, ho tle ho bonwe ponopono ya hao. BIBELE “Kahoo ke apotse mese ya hao, ka e apolela hodimo, ke o kwahetse ka yona mahlong, bofeela ba hao bo lepalapaleng. |
O tla tsodiswa, dihlong tsa hao di bonahale; ke tla iphetetsa, mme nke ke ka qenehela motho.
Ha o ka ipolella pelong ya hao, wa re: Na ntho tseo di hlile tsa ntlhahela keng? Ke ka baka la bokgopo ba hao bo boholo o honeletswang mose wa hao, mme direthe tsa hao di phumuhileng habohloko.
Empa nna, ke hlobodisitse Esau, ke phahlile ditshabelo tsa hae, ha ho sa le moo a ka ipatang teng; leloko la hae le sentswe, le banababo, le ba ahisaneng le yena; o se a le siyo.
Jerusalema o sitilwe, o sitilwe; ka baka leo, o fetohile manyala, bohle ba neng ba mo hlonepha ba mo nyedisa, hobane ba bone bofeela ba hae, le hona o a fehelwa, mme o tadima kasanthao.
ha ho le jwalo, bona, ke tla phutha barati bohle ba hao, bao o ba thabetseng, le bohle bao o ba ratang, hammoho le bohle bao o ba hloileng; ke tla o phuthela bona hohle, ke ba apolele bofeela ba hao, mme ba fela ba tla bona bofeela bohle ba hao.
Ba tla o etsetsa ka hloyo ya bona, ba be ba tlatlape leruo la hao kaofela, mme ba tla o tlohela o le feela, o hlobotse; ka mokgwa o jwalo, bofeela ba bootswa ba hao le ho boka ha hao le bohlola ba hao ba tla apolwa.
Mme jwale, ke tla apola bofeela ba hae mahlong a dinyatsi tsa hae, mme ha ho motho ya tla mo namolela letsohong la ka.
Ke tla senya difate tsa hae tsa merara le tsa difeiye tseo a itseng: Ke moputso oo ke o neilweng ke dinyatsi tsa ka! Ke tla di fetola moru, di jewe ke phoofolo tsa naha.
Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla o apola, kobo ya hao ke e busetse sefahlehong sa hao, ke tle ke bontshe ditjhaba bofeela ba hao, ke bontshe le mebuso dihlong tsa hao;