Motho ka mong ya ikgohomosang ka pelong, ke manyala ho Jehova, ruri o tla otlwa, a ke ke a phonyoha.
Jeremia 13:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Utlwang, le mamele; le se ke la ithorisa, hobane ho bua Jehova. BIBELE Theang tsebe le mamele, le se ke la ikakasa, hoba ke Morena ya seng a buile. |
Motho ka mong ya ikgohomosang ka pelong, ke manyala ho Jehova, ruri o tla otlwa, a ke ke a phonyoha.
Mahodimo, mamelang! wena, lefatshe, sekeha tsebe; hobane Jehova o a bua; o re: Ke fepile bana, ke ba hodisitse, empa ba ikgantsheditse nna.
Ho itswe ke Jehova: Ke tla bodisa bokgabane ba Juda jwalo, le bokgabane ba Iseraele bo boholoholo.
Feela, le itsebele hobane, ha le ka mpolaya, etlaba le beile madi a se nang molato hodima lona, le hodima motse ona, le hodima baahi ba teng; hobane kannete Jehova o nthomile ho lona, hore ke tle ke bolele mantswe ao kaofela ditsebeng tsa lona.
Utlwang taba ena, lona maqheku; le sekehe ditsebe, lona bohle baahi ba lefatshe. Na taba e jwalo e se e kile ya eba teng mehleng ya lona le mehleng ya bontata lona?
Empa Jehova o ntshwere ke alositse mohlape, mme Jehova a re ho nna: Eya, o porofete hodima setjhaba sa ka sa Iseraele.