Elisha o ba a dutse ha hae ka tlung, le baholo ba ne ba dutse le yena; morena a roma lenqosa la hae; empa lenqosa ha le eso ho fihle ho Elisha, yena a re ho baholo: Na le a bona hoba mora enwa wa mmolai o rometse ho nkgaola hlooho? Bonang, etlere ha lenqosa le etla, le kwale nmonyako, le tiise lemati pela lona; na diqi tsa maoto a monga lona ha di le latele na?
Mme nna, jwaloka konyana e bonolo e iswang ho hlajwa, ke ne ke sa tsebe hobane ba ka rera morero bakeng sa ka, o reng: A re bolayeng sefate le dijo tsa sona, re mo epolle lefatsheng la ba utlwang, le lebitso la hae le tle le se ke la hlola le sa hopolwa.