Jehova o tadimile bara ba batho, a le lehodimong, a tle a bone hoba na o teng ya nang le kutlwisiso, ya batlang Modimo.
Jeremia 10:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Motho e mong le e mong o thotofetse, o hlokile tsebo; moqhibidisi e mong le e mong o hlabiswa dihlong ka setshwantsho sa hae, hobane setshwantsho sa hae se tsholotsweng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona. BIBELE Batho bohle ha ba na tsebo, ba thotofetse, malala a kgauta a hlabiswa dihlong, a hlabiswa dihlong ke medingwana ya wona. Medingwana ena ya wona ke ya leshano, medingwana ena ya wona ha e phefumolohe. |
Jehova o tadimile bara ba batho, a le lehodimong, a tle a bone hoba na o teng ya nang le kutlwisiso, ya batlang Modimo.
Ba hlabilwe ke dihlong, bona kaofela ba sebeletsang ditshwantsho, ba ithorisang ka medimo ya leshano; medimo kaofela e tla kgumama pela hae.
Haele ba tshepang ditshwantsho tse betlilweng, ba reng ho ditshwantsho tse tsholotsweng: Le medimo ya rona, ba tla sutha ka santhao, ba swabe haholo.
Bonang, bohle ba di latelang ba tla swaba, etswe ba di sebetsang e le batho feela; a ba ke ba phuthehe hammoho, ba eme, mme ba tla thekesela, ba swabe kaofela ha bona.
Kaofela ha bona ba tla swaba, ba hlajwe ke dihlong; baetsi ba ditshwantsho ba tla ya hammoho, ba hlabiswe dihlong.
Medimo ya tsona e jwaloka sefate se setjhitja tshimong ya mahapu, mme ha e bue; e a jarwa, ke hobane ha e tsebe ho tsamaya. Le se ke la e tshaba, hobane ha e etse hampe, le hona e fela e sitwa le ho etsa hantle.
e leng bona ba fetotseng nnete ya Modimo leshano, ba rapetseng tse bopilweng, ba di sebeleditseng, ba furaletse Mmopi ya bokwang kamehla. Amen!
Ha ba boela ba tsoha e sa le ka meso ka la hosasane, ba bona Dagone a boetse a wetse fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, hlooho ya Dagone le diatla tse pedi tsa hae di kgaohile, di le pela monyako, ho setse setopo sa hae feela.