Jakobo 5:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Banabeso, ekare ha e mong ho lona a kgeloha nnete, mme e mong a mmusetsa ho yona, BIBELE Bana beso, ha e mong wa lona a fapohile nneteng, mme e mong a mo kgutlisitseng ho yona, Baasraak Sotho NT Banabeso, ekare ha e mong wa lona a kgeloha nneteng, mme e mong a mo sokolla; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Banabeso, ekare ha e mong wa lona a kgeloha nneteng, mme e mong a mo sokolla; |
Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.
Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.
Dinku tse tepeletseng ha le di natlafatse; e kulang ha le e phekole; le e leqeba ha le e tlamelle; ha le late e kgelohileng, leha e le ho batla e lahlehileng; le mpa le di busa ka thata le ka sehlooho.
Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo laye o ena le yena a nnotshi; ha a o mamela, etlaba o ruile ngwaneno.
empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.
Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.
Hobane lerato la leruo ke motso wa dibe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba kgelohile tumelo, mme ba itlhabile ka mahlomola a mangata.
ba kgelohileng nnete, ka ho re, tsoho ya bafu e setse e etsahetse, mme ba diha tumelo ya ba bang.
mme o na le matla a ho hauhela ba sitilweng ke ho se tsebe le ke ho timellwa, kahobane le yena o dikilwe ke mefokolo.
Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;
Empa ha ekaba le ena le mona o bohloko le kgang ka dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa, mme le se ke la etsa leshano, ka ho sitelwa nnete.
eo a ke a tsebe hobane ya kgutlisitseng moetsadibe kgelohong ya hae, o pholositse moya lefung, mme o apesitse dibe tse ngatangata.
Haele lona, baratuwa, ha le se le itsebetse tseo pele, itebeleng, le se tshohe le hulanngwa le ba bang ke thetso ya ba manyala bao, mme la timellwa ke ho tiya ha lona;
Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.