Jakobo 4:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa jwale le ka be le re: Ha Morena a rata, ha re sa le teng, re tla etsa hore le hore. BIBELE Bakeng sa ho re: “Ha Morena a rata, re tla phela, re etse hona kapa hane,” Baasraak Sotho NT Le ka be le re: Ha Morena a rata, re tla phela, re etse hore, kapa tjena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le ka be le re: Ha Morena a rata, re tla phela, re etse hore, kapa tjena. |
A mpa a ba dumedisa, a re: E ka kgona mokete o tlang ke o je Jerusalema; ke tla boela ke kgutlele ho lona, ha Modimo o dumela. Mme a tloha Efese.
ke ntse ke kopa kamehla merapelong ya ka hore na, ha e ka ba ho rata ha Modimo, nke ke ka fuwa sebaka se setle sa ho ya ho lona.
Hobane, haele jwale, ha ke rate ho le fapohela feela, empa ke tshepile hoba ke tla hlola ditshiu le lona, ha Morena a dumela.
Athe ke se ke tla ya ho lona kapele, ha Morena a rata, mme ke tla tseba, e seng dipolelo tsa ba ikgantshitseng, empa e le matla a bona.