Barsillai a araba morena, a re: Tshiu tsa ho phela ha ka di sa le kae, ha o re, ke ye Jerusalema le morena?
Jakobo 4:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) athe ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lona ke eng? Ke mohodi feela o bonahalang ka motsotso o se okae, o ntoo nyamela. BIBELE Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela. Baasraak Sotho NT athe ha le tsebe se tla etsahala hosasane. Hobane bophelo ba hao ke bofe? Ke mouwane, o bonahalang ka nakwana, o ntoo nyamela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 athe ha le tsebe se tla etsahala hosasane. Hobane bophelo ba hao ke bofe? Ke mouwane, o bonahalang ka nakwana, o ntoo nyamela. |
Barsillai a araba morena, a re: Tshiu tsa ho phela ha ka di sa le kae, ha o re, ke ye Jerusalema le morena?
Hobane matsatsi a ka a timela jwaloka mosi, masapo a ka a tjhese jwaloka letlapa la leifo;
Bona, o lekanyeditse ditshiu tsa ka di be jwaloka boahlamo ba seatla; ditshiu tsa ho phela ha ka di jwaloka ntho e leng siyo pela hao; ruri, motho e mong le e mong ya leng teng ke mofehelo feela. (Sela.)
Hopola hore bophelo ba ka bo bokgutshwanyane, le hore bana bohle ba batho o ba bopetse lefeela!
O se ke wa ithorisa ka letsatsi la hosasane, hobane ha o tsebe se tla hlahiswa ke letsatsi leo.
Ha ho le jwalo, lesang ho tshepa motho, eo phefumoloho ya hae e leng masobeng a dinko tsa hae; na a ka thusang?
Motlotlwane wa ka o nkilwe, o tlositswe ho nna jwalokaha ho tloswa sebeso sa modisa; bophelo ba ka ke bo phuthile, jwaloka molohi ha a phutha lesela la hae. O ne o ya poma bophelo ba ka; ho tloha hosasa ho isa mantsiboya, o ne o tla be o nqetile.
Hobane nama yohle e jwaloka jwang, mme kganya yohle ya motho e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo ye bo omelle, mme palesa ya jona e we;
Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.
Mme lefatshe le a feta, le yona takatso ya lona; empa ya etsang thato ya Modimo, o hlola ka ho sa feleng.