Ha o pata sefahleho sa hao, di tsielehe; ha o di amoha phefumoloho, di fele, mme di kgutlele leroleng.
Jakobo 2:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane, jwalokaha mmele o se nang moya o shwele, le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shwele. BIBELE Efela jwalokaha mmele o se nang moya o shwele, le yona tumelo e se nang mesebetsi e shwele. Baasraak Sotho NT Hobane jwaloka mmele ha o se na moya o shwele, le yona tumelo e se nang mesebetsi e shwele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane jwaloka mmele ha o se na moya o shwele, le yona tumelo e se nang mesebetsi e shwele. |
Ha o pata sefahleho sa hao, di tsielehe; ha o di amoha phefumoloho, di fele, mme di kgutlele leroleng.
Phefumoloho ya bona ha e fela, ba kgutlela leroleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ya bona e fedile.
lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.
Ha ho le jwalo, lesang ho tshepa motho, eo phefumoloho ya hae e leng masobeng a dinko tsa hae; na a ka thusang?
Jesu hobane a meketse ka lentswe le leholo, a re: Ntate, ke neela moya wa ka matsohong a hao! Eitse hobane a rialo, a neela moya.
Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.
Banabeso, ho thusang, leha motho a ka re, o na le tumelo, empa a se na mesebetsi? Na tumelo eo e ka mmoloka na?