Salmone a tswala Boase, ka Rahaba; Boase a tswala Obede, ka Ruthe; Obede a tswala Jese;
Jakobo 2:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na le yena Rahaba, mosadi wa moetsadibe, ha a ka a bewa ya lokileng ke mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela, mme a di kgutlisa ka tsela esele na? BIBELE Ho ile ha eba jwalo le ho Rahaba wa seotswa. Na ha a a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela tsa Baiseraele, a ba a di kgutlisa ka tsela esele? Baasraak Sotho NT Ka mokgwa o jwalo le yena Rahaba wa seotswa ha a ka a bolelwa hore o lokile ka mesebetsi, ha a ne a amohela manqosa, mme a a ntsha ka tsela esele? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka mokgwa o jwalo le yena Rahaba wa seotswa ha a ka a bolelwa hore o lokile ka mesebetsi, ha a ne a amohela manqosa, mme a a ntsha ka tsela esele? |
Salmone a tswala Boase, ka Rahaba; Boase a tswala Obede, ka Ruthe; Obede a tswala Jese;
Ana ho bona ba babedi, ke ofe ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Ke wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Balekgetho le basadi ba bafebi ba le raka mmusong wa Modimo.
Jasone o ba amohetse, athe kaofela ha bona ba etsa tse lwantshanang le ditaelo tsa Sesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.
Ka tumelo, Rahaba, mosadi wa moetsadibe, ha a ka a timela le ba sa dumelang, hobane o ne a amohele dihlwela ka kgotso.
Empa e mong o tla re: Wena, o na le tumelo; nna, ke na le mesebetsi; mpontshe he tumelo ya hao ho se mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.
O a bona hobane tumelo ya hae e sebedisane le mesebetsi ya hae, mme tumelo ya hae e phethilwe ke mesebetsi,
Ke moo le bonang hobane motho o bewa ya lokileng ke mesebetsi ya hae, e seng ke tumelo e nnotshi.
Jwale, Joshua, mora Nune, ha a le Shittime, a roma banna ba babedi sephiring, ho ya bohlwela, a re: Eyang le lekole lefatshe le Jeriko. Yaba ba ya, mme ba kena tlung ya mosadi oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, ba robala teng.
Ebile o ba theosetsa ka fensetere, ka mohala, hobane ntlo ya hae e be e le hodima lerako la motse; o ne a ahile hodima lerako.
A re ho bona: Ikeleng thabeng, esere mohlomong ba phaletseng ba kgahlana le lona; le ipate teng matsatsi a mararo, ba phaletseng ba be ba boye, le ntoo ya ka tsela ya lona.
Empa mosadi a nka banna ba babedi bao, a ba pata, mme a re: Efela ho tlile banna ha ka, mme ha ke a ka ka ba tseba hobane ke ba tswang kae.
Athe o ba hlweseditse kahodima ntlo, o ba patile katlasa dithupa tsa matakwane, tseo a di anehileng ka-hodima ntlo.
Motse o tla etswa anathema ho Jehova, ka ntho tsohle tse ho wona; ke Rahaba wa sehlola feela ya tla phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o patile manqosa a romilweng ke rona.