Mme jwale, tse tharo tsena di a sala: tumelo, le tebello, le lerato; empa e kgolo ho tsona ke lerato.
Jakobo 2:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka mokgwa o jwalo, le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e itjhweletse ruri. BIBELE Ka mokgwa o jwalo, tumelo e se nang mesebetsi e shwele shwi! Baasraak Sotho NT Le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shwele e nnotshi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shwele e nnotshi. |
Mme jwale, tse tharo tsena di a sala: tumelo, le tebello, le lerato; empa e kgolo ho tsona ke lerato.
Mme leha nka aba maruo a ka wohle, ka fana ka wona, kapa leha nka tela mmele wa ka hore o tjheswe, ha ke se na lerato, tseo ha di nthuse letho.
Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.
Ha re lese ho hopola ho sebetsa ha tumelo ya lona le phehello ya lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena Jesu Kreste, pela Modimo, Ntata rona;
Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tswang pelong e hlwekileng le letswalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso;
Banabeso, ho thusang, leha motho a ka re, o na le tumelo, empa a se na mesebetsi? Na tumelo eo e ka mmoloka na?
Hobane, jwalokaha mmele o se nang moya o shwele, le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shwele.